6. Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.
7. Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo.
8. Hobane masimo a Heshbone a ponne, merara ya Sibma eo makala a yona a neng a taha marena a lefatshe, a namile ho isa Jaesere le ho fihlela nahathothe, mme mahlomela a yona a fihlile le mose wa lewatle.
9. Ka baka leo, ke llela merara ya Sibma, jwalokaha nkile ka llela Jaesere; ke tsholla meokgo hodima lona, Heshbone le Eleale; hobane mekgosi e kene korong ya lona le merareng ya lona.