7. Lefatshe kaofela le phomotse, le na le kgotso, ho hlajwa dipina tsa nyakallo.
8. Esita le tsona dikipresse di thabetse tshenyeho ya hao, le dikedare tsa Lebanone, di re: Haesale o robala, ha ho ya tlileng ho re rema.
9. Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.
10. Kaofela ha bona ba ema, ba re ho wena: Ehe, hleka le wena o fedile jwaloka rona? hleka o entswe ya tshwanang le rona na?
11. Bokgabane ba hao bo akgetswe bafung, le melodi ya diharepa tsa hao; tshenyane ke malao a hao katlasa hao, o apesitswe ka diboko.
12. O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?
13. O ne o re pelong ya hao: Ke tla hlwella lehodimong, ke bee terone ya ka kahodima dinaledi tsa Modimo, ke dule thabeng ya phutheho pheletsong ya leboya;
14. ke tla phahama hodima maru, ke be ke tshwane le Mookamedi ya phahameng!
15. Athe o dihetswe nqalong ya bafu, sekoting se tebileng.
16. Ba o bonang ba nyarela ho wena, ba o tadimisisa haufi, ba re: Na ke eo monna ya neng a sisinya lefatshe, ya neng a thetheretsa mebuso ya lona,
17. ya entseng lefatshe nahathothe, ya rapaladitseng metse ya lona, ya sa kang a lokolla ba kgolehong ya hae na?
18. Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.