Eksoda 5:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Le se ke la hlola le nea setjhaba setroi ho etsa setene, jwaloka pele; a ba mpe ba ye ba ipatlele setroi e le bona.

8. Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo.

9. Mosebetsi a o ke o imele banna bana, mme ba eme ho wona, ba tle ba se ke ba mamela dipolelo tsa leshano.

10. Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi.

11. Mpang le ye e le lona, le ipatleleng setroi moo le ka se fumanang teng, hobane ha ho qephiswe letho la mosebetsi wa lona oo le o laetsweng.

12. Yaba setjhaba se qhalanela naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhoka bakeng sa setroi.

13. Bahlahlobi ba ba potlakisa, ba nna ba re: Phethang mesebetsi ya lona; ho etswe mosebetsi wa tsatsi le leng le le leng, jwaloka setroi ha se sa le teng.

Eksoda 5