1. Yaba Moshe o araba, a re: Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, mme ha ba ka ke ba mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Jehova ha a ka a iponahatsa ho wena.
2. Jehova a re ho yena: Keng eo e letsohong la hao? A re: Ke lere.
3. A re: Le lahlele fatshe. A le lahlela fatshe; yaba le fetoha noha, mme a baleha pela yona.
4. Jehova a re ho Moshe: Nanabetsa letsoha la hao, o e tshware ka mohatla. Yaba o nanabetsa letsoho la hae, a e tshwara, mme ya boela ya fetoha lere seatleng sa hae.
5. Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena.