Eksoda 38:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ntoo etswa aletare ya ditjheso ka sefate sa leoka; bolelele ba yona ya eba ditswe tse hlano, bophara ya eba ditswe tse hlano; e ne e le mahlakore a mane a lekanang, bophahamo bona e le tswe tse tharo.

2. Ya etsetswa dinaka dintlheng tse nne; dinaka tsa yona di ne di tswa ho yona, mme ya manehwa ka koporo.

3. Hape, ha etswa mesebetsi ya aletare, dipitsana tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa dibano; mesebetsi yohle ya yona ya etswa ka koporo.

4. Aletare ya etsetswa rostere ya koporo, e bewang tlasa mophetho wa yona, mahareng a yona.

Eksoda 38