Eksoda 16:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ola e mong haholo, e mong hanyenyane.

18. Yaba ba itekenyetsa ka homere, mme ya neng a odile haholo, ha a ka a sallwa, mme ya neng a odile hanyenyane, ha a ka a haellwa; e mong le e mong a itekanya kamoo a jang kateng.

19. Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang le tsatsi la hosasane.

20. Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.

21. Ba nna ba ola ka meso le meso, e mong le e mong kamoo a jang kateng, mme enere ha tsatsi le futhumala, ho qhibolihe.

22. Ka tsatsi la botshelela, ba ola bohobe habedi hakalo, ho lekana homere tse pedi ho motho a le mong; baholo kaofela ba phutheho ba tla, ba tsebisa Moshe.

23. A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.

24. Yaba ba bo bolokela hosasane, kamoo Moshe a laetseng kateng, mme ha bo a ka ba nkga, le diboko ha di a ka tsa eba teng.

25. Moshe a re: Bo jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha ya Jehova, kajeno le ke ke la bo fumana naheng.

26. Le tla nne le ole ka matsatsi a tsheletseng, empa tsatsi la bosupa ke Sabatha, ka lona ha ho ka ke ha eba letho.

27. Ka tsatsi la bosupa, batho ba bang ba setjhaba ba tswa ho ya ola, empa ba se ke ba fumana letho.

Eksoda 16