Eksoda 15:9-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.

10. O budutse ka moya wa hao, lewatle le ba aparetse, o ba tebetse jwaloka loto metsing a tshabehang.

11. Ke mang ya ka ka wena Jehova, hara medimo? Ke mang ya kganyang ka hlweko jwaloka wena? O tshabeha ka dithoko, o etsa mehlolo.

12. O nanabeditse letsoho la hao le letona, lefatshe le ba hohlomeditse.

13. O tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng ka mohau wa hao, o se isitse ka matla a hao kahong e halalelang ya hao.

14. Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.

15. Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.

Eksoda 15