Diproverbia 8:32-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.

33. Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kgeloha.

34. Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.

35. Hobane ya mphumanang o fumane bophelo, mme o tla bona mohau ho Jehova.

Diproverbia 8