Diproverbia 7:4-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Bolella bohlale, o re: O ngwaneso, mme masene o a bitse motswalle wa hao,

5. di tle di o fapose mosadi wa sehlola le sefebe se nyekang ka leleme la sona.

6. Ke ne ke eme sefensetereng sa ntlo ya ka, ka tadima ka dipaka tsa lehlafi la teng;

7. ka bona ho le dithoto, hara ba batjha ka lemoha mohlankana e mong ya hlokang kutlwisiso;

8. a tjhalatsa le mabala mabapa le kou ya ntlo ya mosadi eo, a nkile tsela ya teng.

9. E ne e le ka shwalane, ka phirima, bosiu bo se bo tshwere, ho le lefifi le letsho.

10. Mme bonang, a kgahlanyetswa ke mosadi ya ikgabisitseng ka mokgwa wa sehlola, a ikgakantse pelo;

11. athe o manganga, o hlooho e thata; maoto a hae ha a dule ka tlung ya hae;

12. mohlomong o eme mapatlelong, mohlomong mabaleng, o lalla koung tsohle.

13. Jwale, a mo tshwara, a mo aka; ka sefahleho se se nang dihlong a re ho yena:

14. Ke na le mokete wa mahlabelo a teboho hae ha ka; kajeno ke phethile dikano tsa ka.

15. Ke ka baka leo ke tswileng ho tla o kgahlanyetsa, ho o batla lefifing, mme jwale ke o fumane.

16. Ke adile diphate tsa ka ka masela a mebalabala le ka dikobo tse lohilweng ka ditshwele tsa Egepeta.

17. Ke noneditse diphate tsa ka ka mirra, le lekgala, le sinnamone.

18. Tloo, re itahe leratong ho fihlela ho esa, re thabele monate hammoho;

Diproverbia 7