Diproverbia 4:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Sehlooho sa ntho tsohle ke bohlale; rua bona, o bo reke ka tsohle tseo o nang le tsona.

8. O etse bohlale ntho e hlokolotsi, mme bo tla o phahamisa; ha o bo kopa ka matsoho, bo tla o phahamisa.

9. Bo tla o kgabisa hlooho ka mokgabo o bohehang, bo o rwese moqhaka wa kganya.

10. Mamela, mora ka; o amohele dipuo tsa me, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe.

Diproverbia 4