Diproverbia 4:5-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Rua bohlale, o rue kutlwisiso; o se ke wa lebala ditaba tsa molomo wa ka, o se ke wa di kgeloha.

6. O se ke wa furalla bohlale, mme bo tla o boloka; o bo rate, bo tla o pholosa.

7. Sehlooho sa ntho tsohle ke bohlale; rua bona, o bo reke ka tsohle tseo o nang le tsona.

8. O etse bohlale ntho e hlokolotsi, mme bo tla o phahamisa; ha o bo kopa ka matsoho, bo tla o phahamisa.

9. Bo tla o kgabisa hlooho ka mokgabo o bohehang, bo o rwese moqhaka wa kganya.

10. Mamela, mora ka; o amohele dipuo tsa me, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe.

11. Hobane ke o ruta tsela ya bohlale, ke o tsamaisa mmileng wa ho loka.

12. Ha o tsamaya teng, o ke ke wa patiswa maoto; mme ha o matha, o ke ke wa kgoptjwa.

13. Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena.

14. O se ke wa kena tseleng ya ba bolotsana, o se ke wa hata le mmileng wa bakgopo.

15. Sikoloha, o se ke wa ba wa leba teng, o kgelohe, o iphetele.

16. Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.

17. Hobane bohobe boo ba bo jang ke bobe, lonya ke veine eo ba e nwang.

18. Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.

19. Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.

20. Mora wa ka, mamedisisa taba tsa ka, o sekehele dipolelo tsa ka tsebe.

21. Di se ke tsa tloha pela mahlo a hao, o nne o di boloke ka pelong.

22. Hobane ho ba di fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba mmele wohle wa bona.

23. Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.

Diproverbia 4