Diproverbia 28:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.

2. Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.

3. Mohloki ya busang mafutsana, ke sekgohola se sa siyeng bohobe.

4. Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha.

Diproverbia 28