2. Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.
3. Pere e lokelwa ke phafa, le esele ke tomo; mokokotlo wa lehlanya le wona o lokelwa ke thupa.
4. O se ke wa fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, esere mohlomong le wena wa tshwana le lona.
5. O fetole lehlanya ka tsa bohlanya ba lona, esere mohlomong la ipona bohlale mahlong a lona.
6. Ya romelang ditaba ka lehlanya o ikgaola maoto, o inwella tshenyo.
7. Jwalokaha maoto a sehole a leketla feela, polelo ya bohlale e jwalo melomong ya mahlanya.
8. Ho rorisa lehlanya ke ho tlamella lejwana ka letjeketjaneng.
9. Polelo ya bohlale molomong wa lehlanya e jwaloka meutlwa letsohong la letahwa.
10. Motho ya tholang lehlanya le basebi, o jwaloka mohlabani ya hlabang bohle.
11. Jwaloka ha ntja e boela mahlatseng a yona, lewatla le boela jwalo bowatleng ba lona.
12. Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.
13. Sekgoba se re: Tau e rorang e teng tseleng, tau e bohale e mabaleng.
14. Lemati la monyako le iphetola mahokelong a lona, le motswafi diphateng tsa hae.
15. Sekgoba se isa letsoho ho ngwatha lefisong; empa se tswafa ho le busetsa molomong.
16. Sekgoba se ipona bohlale ho fetisa ba supileng ba arabang ka masene.
17. Mofetakatsela ya kenang komang tsa ba bang ka bohale, o tshwara ntja ka ditsebe.
18. Ya thetsang wa habo o tshwana le motho ya soro, ya betsang dirumula le metsu le lefu,