Diproverbia 26:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwaloka lehlwa ha le sa tshwanele lehlabula, leha e le pula mohla kotulo, le yona hlompho ha e lokele lehlanya.

2. Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.

3. Pere e lokelwa ke phafa, le esele ke tomo; mokokotlo wa lehlanya le wona o lokelwa ke thupa.

4. O se ke wa fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, esere mohlomong le wena wa tshwana le lona.

5. O fetole lehlanya ka tsa bohlanya ba lona, esere mohlomong la ipona bohlale mahlong a lona.

Diproverbia 26