Diproverbia 24:22-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. hobane tlokotsi ya bona e tla tshoha e hlaha hanghang, mme ke mang ya ka tsebang tshenyeho ya e mong le e mong ho bona?

23. Tsena e sa ntsane e le dipolelo tsa ba bohlale:

24. Ho tadima batho tshobotsi kahlolong, ha ho hotle. Ya reng ho moetsadibe: O lokile, batho ba tla mo rohaka, ditjhaba di mo hloye;

25. empa ba mo kgalemelang ba tla ratwa, ba hlahelwe ke lehlohonolo le molemo.

26. Ya arabang ka mantswe a kgabane o aka motho molomong.

27. Hleka mosebetsi wa hao kantle, o lokise le tshimo ya hao; hamorao o tla tseba ho haha ntlo ya hao.

28. O se ke wa ba paki feela ho lwantsha wa heno; o ka thetsa jwang ka melomo ya hao?

29. O se ke wa re: Jwalokaha a nkentse, le nna ke tla mo etsa jwalo; ke tla busetsa ho e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.

30. Ke ne ke feta pela tshimo ya sekgoba, le pela morara wa ya leahlama;

Diproverbia 24