Diproverbia 23:11-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. hobane mophetetsi wa tsona o matla, o tla di emela, a di lwanele.

12. Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao.

13. Se time ngwana kgalemelo; leha o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa:

14. o tla mo shapa ka thupa e le wena, o lopolle moya wa hae nqalong ya bafu.

15. Moya wa ka, ha pelo ya hao e hlalefa, pelo ya ka le yona e tla thaba.

16. Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao.

17. Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,

18. hobane efela moputso o teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya etswa lefeela.

19. Mamela, wena, mora ka, o hlalefe, o lebise pelo ya hao tseleng eo.

20. O se ke wa tlwaela manwajwala le manyolonyolo;

21. hobane letahwa le lenyolonyolo ba ipakela bofuma; mme ho rata boroko ho apesa motho maharaswa.

22. Mamela ntatao ya o tswetseng, o se ke wa nyedisa mmao, ha a tsofetse.

23. Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.

24. Ntata ya lokileng o tla nyakalla haholo; ya tswetseng ngwana ya bohlale o tla thaba ka yena.

25. A a ke a thabe, ntatao, le yena mmao; a nyakalle, ya o belehileng.

26. Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.

27. Hobane seraburabu ke lemena le tebileng, mme mosadi wa seotswa ke mokoti o patisaneng.

Diproverbia 23