Diproverbia 21:11-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ha ho lefiswa mosomi, sethoto se a hlalefa; ha ho rutwa motho ya kelello, yena o amohela tsebo.

12. Ya kgabane o lemoha ntlo ya e mobe; Jehova o senya ba babe ka baka la diketso tsa bona tse mpe.

13. Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.

14. Mpho ya sephiring e kokobetsa bohale; neo e sunngwang sefubeng e fedisa hlonamo.

15. Ho etsa ho loka ke thabo ho ya lokileng, empa ho bakgopo ke polao.

16. Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.

17. Ya hlanyetsang menyaka e tla ba mohloki; ya ineelang veine le mafura a ke ke a rua.

18. Molotsana o etswa topollo ya ya lokileng, ya kgopo o bolawa bakeng sa ya kgabane.

19. Ho ikahela feelleng ho molemo ho ena le ho dula le mosadi wa dikomang, ya bohale.

20. Letlotlo le lakatsehang le mafura di ka tlung ya ya bohlale; empa lewatla le di metsa feela.

21. Ya phallelang ho loka le mohau o tla fumana bophelo, le ho loka, le kganya.

22. Ya bohlale o tlola motse wa dinatla, o diha qhobosheane eo ba neng ba e tshepa.

23. Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.

24. Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.

25. Takatso tsa sekgoba di a se bolaya, hobane matsoho a sona a hana ho sebetsa.

26. Taba ya e mobe ke ho lakatsa feela tsatsi lohle, empa ya lokileng o a fana, a sa kganane.

27. Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!

28. Paki ya leshano e tla timela; empa motho ya mamelang o tla bua, a be a hlole.

Diproverbia 21