Diproverbia 16:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Merero ya pelo ke ya motho; haele ho bua he leleme, ho taelong ya Jehova.

2. Mekgwa yohle ya motho e lokile mahlong a hae; empa Jehova o lekanya meya.

3. O rolele ditaba tsa hao tsohle ho Jehova, mme merero ya hao e tla tiya.

4. Jehova o etseditse dintho tsohle merero ya tsona; e, esita le e mobe, o etseditswe letsatsi la tlokotsi.

5. Motho ka mong ya ikgohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova, ruri o tla otlwa, a ke ke a phonyoha.

6. Makgopo a phekolwa ke mohau le nnete, mme ke ka ho tshaba Jehova batho ba phemang bobe.

7. Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.

8. Leruo le lenyenyane le nang le ho loka, le molemo ho feta menono e mengata e nang le bokgopo.

9. Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.

10. Molomo wa morena o bolela ditaba tsa nnete, ha a ahlola a ke ke a fosa.

11. Ditekanyo le sekala se lokileng ke tsa Jehova, tsohle tse lekanyang tse mokotleng ke mosebetsi wa hae.

12. Ho marena ho etsa ho sa lokang ho manyala, hobane setulo sa borena se tiiswa ke ho loka.

Diproverbia 16