20. Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.
21. Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.
22. Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.
23. Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.
24. Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.
25. Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela.
26. Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.
27. Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.