Diproverbia 14:20-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.

21. Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.

22. Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.

23. Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.

24. Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.

25. Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela.

Diproverbia 14