21. Molomo wa ba lokileng o phedisa ba bangata, athe mawatla a timela ke ho hloka kelello.
22. Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.
23. Ho lewatla ke monyaka ho etsa hampe; ho motho ya hlalefileng monyaka ke ha a etsa ka bohlale.