Dipesaleme 90:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O bea makgopo a rona pela hao, le dibe tsa rona tse patilweng o di bea leseding la sefahleho sa hao.

9. Hobane matsatsi a rona a ikela pela bohale ba hao, re fellwa ke dilemo tsa rona jwalokaha re fellwa ke kgopolo.

10. Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.

11. Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?

12. O re rute ho bala matsatsi a rona ka mokgwa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka wona!

13. Kgutla, Jehova! o tla isa kae ...? o hauhele bahlanka ba hao!

14. O re kgorise ka mohau wa hao e sa le kameso, re tle re nyakalle, re thabe ka matsatsi wohle a rona.

15. O re fe thabo e lekaneng le matsatsi ao o re hlomoditseng ka wona, le dilemo tseo re boneng ditlokotsi ka tsona!

16. Bonahatsa mosebetsi wa hao ho bahlanka ba hao, le kganya ya hao ho bana ba bona!

Dipesaleme 90