Dipesaleme 90:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O re fe thabo e lekaneng le matsatsi ao o re hlomoditseng ka wona, le dilemo tseo re boneng ditlokotsi ka tsona!

16. Bonahatsa mosebetsi wa hao ho bahlanka ba hao, le kganya ya hao ho bana ba bona!

17. Mme mohau wa Jehova. Modimo wa rona, o be ho rona! Mosebetsi wa matsoho a rona, o re tiiselletse wona; e, mosebetsi wa matsoho a rona o o tiise.

Dipesaleme 90