6. Ditshenyo tsa dira tsa ka di fedile ka ho sa feleng. O sentse metse ya bona, lebitso la bona le fedile hammoho le bona.
7. Empa Jehova o busa ka ho sa feleng; terone ya hae o e lokiseditse kahlolo;
8. o tla ahlola lefatshe ka ho loka, a neele ditjhaba dikahlolo tse lokileng.
9. Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.
10. Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.
11. Binelang Jehova ya ahileng Sione; behelang ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng;
12. hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.
13. Nkgauhele, Jehova; bona bomadimabe boo ba ntlhoileng ba nkgatakelang ka bona, wena ya nnyollang menyakong ya lefu,