Dipesaleme 9:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Dira ho nna di suthela morao, di a thekesela, di timela pela hao!

4. Hobane o emela taba tsa ka le tokelo tsa ka; o dutse teroneng ya hao, o le moahlodi ya lokileng.

5. O kgalemela ditjhaba, o timetsa bakgopo, o hlakola lebitso la bona kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.

6. Ditshenyo tsa dira tsa ka di fedile ka ho sa feleng. O sentse metse ya bona, lebitso la bona le fedile hammoho le bona.

7. Empa Jehova o busa ka ho sa feleng; terone ya hae o e lokiseditse kahlolo;

8. o tla ahlola lefatshe ka ho loka, a neele ditjhaba dikahlolo tse lokileng.

9. Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.

10. Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.

Dipesaleme 9