Dipesaleme 83:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Modimo, o se ke wa thola, o se ke wa thibana ditsebe, o se ke wa dula o ikgutseditse, Modimo.

2. Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;

3. ba rera setjhaba sa hao ka ho se lohela mano, ba botsana hodima ba sirelwang ke wena.

4. Ba re: Tloong, re ba fedise hara ditjhaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le bolelwa!

Dipesaleme 83