Dipesaleme 80:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. wa o lokisetsa sebaka, mme wa nama metso, wa tlala naha,

10. dithaba tsa kgurumetswa ke moriti wa wona, makala a wona a eba jwaloka dikedare tsa Modimo,

11. wa namisa makalana a wona ho isa lewatleng, le mahlomela a wona ho isa nokeng.

12. Na o rapalaleditseng metero ya wona, o tle o kotulwe ke bafeti kaofela?

13. O sohlokanngwa ke dikolobe tsa meru, diphoofolo tsa naha di tlile ho hakolela teng!

14. Oho boya, Modimo wa makgotla! tadima o le lehodimong, mme o bone, o ele morara ona hloko!

15. O sireletse seo letsoho le letona la hao le se hlomileng, le lehlomela leo o ikgethetseng lona.

16. Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.

Dipesaleme 80