Dipesaleme 8:3-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:

4. Na motho keng, ha o tla mo hopola? le mora motho keng, ha o tla mo hlokomela?

5. O mo entse ya tlasana ho Modimo, o mo rwesitse kganya le boholo;

6. o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae;

7. dinku hammoho le dikgomo, le dibatana tsa naha,

8. le dinonyana tsa lehodimo, le dihlapi tsa lewatle, tsohle tse itsamaelang ditseleng tsa lewatle.

Dipesaleme 8