Dipesaleme 78:65-68 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

65. Yaba Morena o phaphama jwaloka motho ya robetseng, jwaloka mohale ya hoiswang ke veine,

66. a suthisa dira tsa hae, a ba jarisa dihlong tse sa feleng.

67. Leha ho le jwalo, a lahla tente ya Josefa, mme ha a ka a kgetha leloko la Efraime;

68. empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.

Dipesaleme 78