Dipesaleme 74:10-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?

11. O honyeletsang letsoho la hao, letsoho la hao le letona? Ako le ntshe fubeng sa hao, o ba timeletse!

12. Leha ho le jwalo, Modimo ke Morena wa ka esale le kgale, ya ntseng a sebetsa dipoloko hara lefatshe.

13. Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.

Dipesaleme 74