Dipesaleme 72:6-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O tla theoha, a be jwaloka pula hodima makgulo, jwaloka medupe e kolobisang mobu.

7. Mehleng ya hae, ya lokileng o tla atleha, mme kgotso e ya nne e ate ho isa ha kgwedi e lesa ho ba teng.

8. O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.

Dipesaleme 72