Dipesaleme 69:33-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Hobane Jehova o mamela ba lesitsi, mme ha a nyedise ba hae ba holehilweng.

34. Mahodimo a a ke a mo rorise, le lefatshe, le mawatle, le tse utlwang ho tsona kaofela!

35. Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona;

36. e tla ba lefa la ditloholo tsa bahlanka ba wona, mme ba ratang lebitso la wona ba tla nne ba ahe ho yona.

Dipesaleme 69