Dipesaleme 66:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Tloong, le bone mesebetsi ya Modimo; o tshabeha ho etseng ha wona bakeng sa bana ba batho!

6. O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.

7. Ka matla a wona o ntse o busa ka ho sa yeng kae; mahlo a wona a fadimeha hodima ditjhaba; bakwenehi ba se ke ba ikgodisa. (Sela.)

8. Rorisang Modimo wa rona, lona ditjhaba; utlwahatsang modumo wa dithoko tsa wona!

Dipesaleme 66