Dipesaleme 66:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Phahamisetsang ho Modimo mehoo ya thabo, lona mafatshe wohle!

2. Rokang kganya ya lebitso la wona, le o tlotlise ka dithoko.

3. Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;

4. lefatshe lohle le tla o kgumamela, le o binele, le hodise lebitso la hao! (Sela.)

5. Tloong, le bone mesebetsi ya Modimo; o tshabeha ho etseng ha wona bakeng sa bana ba batho!

6. O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.

Dipesaleme 66