Dipesaleme 64:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo, utlwa lentswe la ka, ha ke howeletsa; o boloke bophelo ba ka ho sera se ntshosang!

2. O ntshireletse mererong ya ba bolotsana le letshweleng la ba sebetsang bokgopo,

3. ba leotsang maleme a bona jwaloka letlele, ba phosang mantswe a bohloko jwaloka metsu,

4. ho hlaba motho ya se nang molato sephiring; ba phakisa ho phosetsa ho yena, ba sa tshabe.

Dipesaleme 64