Dipesaleme 59:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba kgutla mantsiboya, ba bohola jwaloka dintja, ba ntse ba potoloha motse.

7. Bona, ka melomo ya bona ba phutsalatsa mahlapa a bona, marumo a melomong ya bona, ba re: Na ho utlwa mang na?

8. Empa wena, Jehova, o a ba tsheha, o soma ka ditjhaba kaofela.

9. Wena, matla a ka, ke tadimile ho wena, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka.

10. Modimo wa ka o nthakile ka mohau wa wona, Modimo o thabisa mahlo a ka ka tshenyeho ya bao e leng dira ho naa.

11. O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!

12. Ka mantswe wohle a melomo ya bona ho tswa dibe. A ba ke ba tshwaswe sefing sa boikgohomoso ba bona! Ba bolela mahlapa le mashano feela.

13. Senya, o ba senye kgalefong ya hao, hore ba se hlole ba eba teng! Ho tle ho tsejwe le dipheletsong tsa lefatshe hoba Modimo o busa Jakobo. (Sela.)

Dipesaleme 59