Dipesaleme 57:6-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)

7. Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.

8. Kubuloha moya wa ka; kubulohang, lona thomo le harepa ya ka! Ke tla tsoha le mafube a meso!

9. Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;

10. hobane mohau wa hao o moholo ho ya fihla mahodimong, le nnete ya hao ho isa marung.

Dipesaleme 57