Dipesaleme 49:13-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke yona tsela ya ba itshepang, le ya ba ba latelang ke ho kgolwa ke dipolelo tsa bona. (Sela.)

14. Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.

15. Empa Modimo o tla hlwibila moya wa ka matleng a nqalo ya bafu, hobane o tla nkamohela. (Sela.)

16. O se ke wa tshoha leha motho a atisa maruo a hae, mme matlotlo a ntlo ya hae a eketseha!

17. Hobane mohla a shwang, a ke ke a nka letho, mme kganya ya hae e ke ke ya theohela lebitleng le yena.

Dipesaleme 49