Dipesaleme 47:6-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Binelang Modimo; binang, le binele Morena wa rona; binang!

7. Hobane Modimo ke Morena wa lefatshe lohle: o roriseng ka sefela se seholo!

8. Modimo o rena hodima ditjhaba; Modimo o dutse teroneng e halalelang ya wona.

9. Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.

Dipesaleme 47