Dipesaleme 44:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hobane ha ke tshepe seqha sa ka, ha ke bolokwe ke lerumo la ka;

7. empa ke wena ya re namolelang direng tsa rona, ya tsielehisang ba re hloileng.

8. Re ithorisa ka Modimo ka matsatsi wohle; re tla roka lebitso la hao ka ho sa yeng kae! (Sela.)

9. Empa jwale, o re lahlile, o re apesitse dihlong, o lesitse ho tsamaya le makgotla a rona;

10. o re balehisitse pela dira, ba re hloileng ba ikela le kgapo;

11. O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;

12. o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.

13. O re etsa ntho e nyediswang ho ba ahileng pela rona, le tlako le sesomo ho ba re kopileng;

14. o re etsa tshomo hara ditjhaba, le komo ya hlooho hara merabe.

15. Dihlong tsa ka di pela mahlo a ka kamehla, maswabi a apesitse sefahleho sa ka,

16. ha ke utlwa lentswe la mosomi le la motlaki, ha ke bona sera le mohlorisi.

17. Re hlahetswe ke tseo kaofela; leha ho le jwalo, re ne re sa ka ra o lebala, re sa ka ra tlola selekane sa hao;

Dipesaleme 44