Dipesaleme 40:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke moo ke itseng: Bona, ke a tla, kamoo ho ngodilweng taba tsa ka kateng, mmenong wa buka.

8. Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.

9. Ke bolela ho loka phuthehong e kgolo; ha ke a thiba melomo ya ka, Jehova; o a tseba.

10. Ha ke pate ho loka ha hao hara pelo ya ka, ke bolela botshepehi ba hao le poloko ya hao; ha ke a ka ka lobela phutheho e kgolo mohau wa hao le nnete ya hao.

11. Le wena, Jehova, o se ke wa nkganela le mehauhelo ya hao! Mohau wa hao le nnete ya hao a di ke di mpoloke kamehla!

Dipesaleme 40