1. Ka na ka lebella Jehova ka ho tiya, a itshekamisetsa ho nna, a utlwa ho dumaela ha ka,
2. a nnyolla sekoting sa tshenyeho le tebetebeng ya diretse, a bea leoto la ka lefikeng, a tiisa mehato ya ka.
3. Molomong wa ka a bea sefela se setjha, dithoko tsa Modimo wa rona. Ba bangata ba tla bona hoo, ba tshabe, mme ba tshepe Jehova.