Dipesaleme 38:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Hobane ke ntse ke batla ho wa, bohloko ba ka bo ntse bo le mona pela ka;

18. hobane ke ipolela bokgopo ba ka, mme ke hlora ke sebe sa ka.

19. Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.

20. Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.

21. O se ke wa ntlohela, Jehova, Modimo wa ka! O se ke wa emela hole le nna!

22. Phakisa ho tla nthusa, wena Morena, Mmoloki wa ka!

Dipesaleme 38