Dipesaleme 29:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba Modimo, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le hlompho;

2. busetsang ho Jehova kganya ya lebitso la hae! Kgumamelang Jehova ka mekgabo e kgethehileng.

3. Lentswe la Jehova le duma hodima metsi; Modimo wa kganya o dumisa seaduma sa wona; Jehova o utlwahala hodima metsi a maholo.

4. Lentswe la Jehova le matla, lentswe la Jehova le kganya ka boholo!

5. Lentswe la Jehova le robakanya dikedare; Jehova o robakanya dikedare tsa Lebanone,

Dipesaleme 29