Dipesaleme 22:20-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. O lwele bophelo ba ka lerumong, ke bona feela bo setseng ho nna, o bo lwele marong a dintja.

21. O nkgule molomong wa tau, o nkarabe ka ho mpholosa dinakeng tsa dinare.

22. Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.

23. Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!

Dipesaleme 22