1. Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!
2. O mo file kamoo pelo ya hae e lakaditseng kateng, ha o a ka wa nyatsa thapelo ya molomo wa hae. (Sela.)
3. O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.