Dipesaleme 18:8-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.

9. A namisa mahodimo, a theoha, lefifi le letenya le le tlasa maoto a hae.

10. A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;

11. a ipopa ka lefifi ho tshabela teng, a ikopa ka metsi a matsho le ka maru a lefifi.

12. Kganyeng e mo etellang pele, ha tswa maru a emereng sefako le mashala a hlenneng.

13. Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.

14. A betsa metsu ya hae, a ba qhalanya ka yona, a tsekemisa mahadima a sa balweng, mme a ba qhemetsa.

15. Mangope a lewatle a hlaha, metheo ya lefatshe ya hloboleha ka kgalemelo ya hao, Jehova, ka pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hao.

16. A nanabetsa letsoho a le phahameng, a ntshwara, a nkgula metsing a maholo.

17. A nnamolela ho sera sa ka se matla, le ho ba ntlhoileng ba mphetang ka matla.

18. Ba ne ba mpatetse mohla ke leng tsietsing, Jehova ya mpa ya eba seikokotlelo sa ka.

19. A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.

Dipesaleme 18