Dipesaleme 147:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.

12. Jerusalema, rorisa Jehova! Sione, o roke Modimo wa hao!

13. Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.

14. O bea kgotso meeding ya hao, o o kgorisa ka moko wa koro.

15. O romela lefatshe taelo ya hae, lentswe la hae le tjhatjhametsa kapelepele.

Dipesaleme 147