Dipesaleme 145:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tla o hodisa, Modimo wa ka, Morena wa ka! ke tla boka lebitso la hao kamehla le ka ho sa yeng kae.

2. Ke tla o boka ka matsatsi wohle, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.

3. Jehova o moholo, o lokelwa ke dithoko tsohle, boholo ba hae ha bo na ho lekanngwa.

4. Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!

Dipesaleme 145