Dipesaleme 140:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. ba rerang bobe dipelong tsa bona, ba tsosang ntwa kamehla.

3. Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)

4. Jehova, ntshireletse letsohong la e mobe, o mpoloke ho batho ba bohale, ba rerang ho kgothometsa maoto a ka!

5. Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)

6. Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!

Dipesaleme 140